Germond, S.A.1996.Paliso tsa Sesotho buka ea bone. Morija-Lesotho
Machabane, J.J, 1982.Senate Shoeshoe ‘A Moshoeshoe.Morija-Lesotho
Mopeli, Paulus, A.S.1979.Moshweshwe Moshwaila.Morija-Lesotho
Thoahlane.A.B.1978.Makumane a histori ea Lesotho.Morija-Lesotho
Thobojane, E.2001.Ntataise sehlopha sa 4.Western Cape
1.Seabo sa Baruti bongoding ba Sesotho ho tloha ha ba fihla ka 1833 ho isa ka 1906.
Baruti ba tlile Lesotho ka selemo sa 1833 ka kopo ya Morena Moshoeshoe ha a ne a utlwela hore ba ka tlisa kgotso eo a neng a e tsetselela.Ka 28 phupjane 1833 ke ha o fihla baruti ba mafora bao e leng Casalis,Arbousset le Gosselin ba fihla Thaba Bosiu Lesotho.Baruti ba ne ba bona mobu o nonneng bakeng sa ba fupereng le ho jala lentswe.Baruta,sepheo sa bona ene ele ho ruta setjhaba enfangedi le ho bala ho re ba kgone ho ipalla lentswe.Ka 17 phupu Arbousset a ngola lengola leo ho lona ho nang le mantswe a pele a Sesotho ao a ithutileng ona leetong la bona ,a a bapisa le a Setswana ao ba a filweng ke boPellissier.Ba ne ba ngola Sesotho se nang le tshwaetso ya Setswana le Sefora hobane Sefora e ne e le puo ya bo bona jwale Setswana sona ba ne ba ithutile sona Botswana .Morena Moshweshwe a ba ruta Sesotho ,a ba a hatella hore Setswana le Sesotho ha di tshwane.
1834 Seteishene sa baromuwa sa Beerseba sa S Rolland sa ruta Basotho ho bala Johanne ka pele ho ya ka moo a neng a kgona ho e fetolela Sesothong ka teng.Ka nako eo puo ya Sesotho e ne e reretswe Bebele (Efangedi).1837 Arbousset ha a tswa nyala Kapa, a tla le Katekisamane ya Sesotho.Phetholelo ene e le tala feela Basotho ba kgothalla ho bala Sesotho puo ya tshokollo.1837 Efangeli ea Luka le Lipesaleme tsa phatlalatswa.1839 Bukaniane ABC ka puo ea Basotho G bakeng sa h (legorimo),Y bakeng sa J (Yehova),R bakeng sa L (Morimo).1839 Mareka,Johanne,Mateu le Luka tsa phatlalatswa Kapa .Basotho ba 1,400 Beerseba,Morija,Thaba Bosiu le Mekwatleng ba filwe dihatisitsweng tse mmalwa .Ba na lenyora la ho tseba